Afrikaans | 中文(简体) | English |
English (American) | Français | Português |
Português (Brasileiro) | Sesotho | Tswana |
isiXhosa | isiZulu |
Monka-karolo ya Ratehang Thupelong:
Re a o leboha ka ho thahasella ho nka karolo Thupelong ya rona ya Karolo ya 1.
Jwale o tla etsa Patlisiso ya hao ya Motho ka Mong ya Dintho tsa Bohlokwa bakeng sa thupelo ena. Phuputso e nka nako e ka etsang metsotso e 10-15. O tshwanetse ho tlatsa phuputso kaofela nakong e le nngwe e behilweng e le hore dikarabo tsa hao di amohelwe. Qetellong ya phuputso, o tla bona molaetsa o bolelang hore dikarabo tsa hao di kentsweng ka mokgwa o atlehileng.
O tla kotjwa hore o kgethe mantswe a 10 ho tswa lethathamong la dintho tsa bohlokwa/boitshwaro.
Pele o etsa patlisiso, re kopa hore o netefatse hore o amohela tumellano ya ho boloka lekunutu ya BVC.
Sepheo sa tumellano ena se habedi:
Ntho e nngwe ya bohlokwa ka ho fetisisa mokgatlong wa rona ke “bolokolohi ba ho se pate tlhahisoleseding e hlokehang.” Tabeng ena, re bolela hore re ithaopela ho arolelana le ditho tsa rona tsa sehlopha sa CTT (batho ba tlatsitseng ka katleho Karolo ya 1) tlhahisoleseding eo mekgatlo e mengata e ka nahanang hore ke ya lekunutu. Re etsa sena ka hobane e hodisa bokgoni ba hao ba ho sebeletsa ditlelaente tsa hao. O lokolohile ho ruta ditlelaente tsa hao (kahare kapa kantle) mabapi le di-modele tsa CTT, empa ha o a dumellwa hore ho etsa dikopi tsa Disebediswa tse Fetolang Boitshwaro. Disebediswa tse Fetolang Boitshwaro ka dinako tsohle disebediswa tsena di tshwanetse ho sebediswa ka tumellano ya bomphato le BVC. Ke bakeng sa molemo wa motho e mong le e mong. Re hlahisitse sehlahiswa sa boleng bo phahameng se amohelwang hantle dimmarakeng. Re ikemiseditse ho boloka tekanyo tsena tse phahameng le ho tswela pele re hlahisa Disebediswa tse Fetolang Boitshwaro. Ka ho kena tumellanong ena, ha se feela hore o sireletsa matsete a rona ka ho amohela thupello ena empa hape o thusa ho sireletsa ditokelo tsa botsebi mabapi le thepa ena ya BVC.
Ba hao ka botshepehi,
Richard Barrett
Thupello ena e fana ka dimatheriale tsa kamoo ho sebediswang ka teng BVC Dimodele tse Fetolang BoitshwarosSM le Disebediswa tse Fetolang Boitshwaro ® le ho kenyeletsa tlhahisoleseding ya leknunutu e entsweng ke BVC. BVC mme Monka-karolo Karolong ya I o dumela dintho tse latelang:
1. Lethathamo la Dimodele tse Fetolang BoitshwaroSM le ngotsweng ho Theibole ya 1 le mabapi le tlhahisoleseding e ka sebediswang ka bolokolohi le Banka-karolo thupelong ena. Ho phaella mona, Monka-karolo a ka rupella batho ba bang mabapi le tshebediso ya Dimodele tse Fetolang BoitshwaroSM le ngotsweng Theiboleng ya 1.
Theibole ya 1: DIMODELE TSE FETOLANG BOITSHWARO SM
|
2. Lethathamo la Disebediswa tse Fetolang Boitshwaro ® le ngotswe Theiboleng ya 2 (hammoho le disebediswa dife kapa dife tse ding tsa Disebediswa tse Fetolang Boitshwaro tse entsweng ke BVC ho kenyeletswa le tshebediso ya disebediswa tsa phuputso ya seabo sa ditlelaente) le tlhahisoleseding mabapi le tshebediso ya tsona kapa ho senolwa ke Monka-karolo feela (a) ha ho na le seabo le tlelaente se etswang ke Monka-karolo kapa khamphani ya Monka-karolo moo Disebediswa tse Fetolang Boitshwaro ® disebediswa tsa phuputso di sebediswang. Ntle le haeba ho dumeletswe polelong e ka hodimo, Monka-karolo a ke ke a sebedisa Disebediswa tse Fetolang Boitshwaro ®, (b) ho rupella ba bang ho sebedisa Disebediswa tse Fetolang Boitshwaro ®, (c) ho etsa dikopi tsa dimatheriale tsa thupello bakeng sa merero ya ho rupella batho ba bang mabapi le tshebediso ya Disebediswa tse Fetolang Boitshwaro ®, (d) ho etsa dithulusi le disebediswa tsa phuputso tse sebedisang Disebediswa tse Fetolang Boitshwaro ® mekgwa-tshebetso kapa tshebetso ya phuputso.
Theibole ya 2: DISEBEDISWA TSE FETOLANG BOITSHWARO ®
|
Ka kopo bontsha hore o amohela melawana le dipehelo tsa Tumellano ya Lekunutu ka ho tlika Tswela pele.
Copyright © . Cultural Transformation Tools® (CTT) is a trademark of Barrett Values Centre | Privacy Policy